Mareka 1:5-21 BIBELE (SSO89SO)

5. Ba naha yohle ya Judea le baahi bohle ba Jerusalema ba ya ho yena, mme a ba kolobeletsa nokeng ya Jorodane ba ntse ba ipolela dibe tsa bona.

6. Johanne o ne a apara seaparo sa boya ba kamele, a itlamme ka leqhama la letlalo thekeng, a eja ditsie le mahe a dinotshi tsa naha.

7. A phatlalatsa, a re: “Kamora ka ho tla e mong ya matla ho mpheta, eo ke sa tshwanelang le ho inama ke lokolla maqhwele a meqathatso ya hae.

8. Ke le kolobeditse ka metsi, empa yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang.”

9. Mehleng yona eo Jesu a fihla, a etswa Nasaretha e Galelea, mme a kolobeletswa nokeng ya Jorodane ke Johanne.

10. Hanghang ha a etswa metsing a bona mahodimo a buleha, le Moya o theohela hodima hae e ka leeba,

11. mme lentswe le tswang mahodimong la re: “O Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang.”

12. Yaba Moya o mo kgannela feelleng,

13. mme a hlola feelleng matsatsi a mashome a mane a le hara dibatana, a ntse a lekwa ke Satane, mme mangeloi a mo sebeletsa.

14. Yare hoba Johanne a tshwarwe, Jesu a fihla Galelea, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Modimo,

15. a re: “Nako e fihlile, Mmuso wa Modimo o atametse; bakang, mme le dumele molaetsa o molemo.”

16. Yare ha a sika le letsha la Galelea, a bona Simone le Andrease, ngwanabo Simone, ba akgela letlowa la bona lewatleng, hobane e ne e le batshwasi ba ditlhapi.

17. Jesu a re ho bona: “Ntshaleng morao, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.”

18. Hanghang ba tlohela matlowa a bona, ba mo latela.

19. Yare hoba a tsamaye sebakana, a bona Jakobo, mora wa Sebedea, le Johanne ngwanabo, le bona ba le ka sekepeng ba ntse ba lokisa matlowa.

20. Yaba o a ba bitsa; ba tlohela ntata bona Sebedea le bahiruwa ka sekepeng, ba mo sala morao.

21. Ba fihla Kaperenauma. Ka Sabatha Jesu a kena ka tlung ya thapelo, a ruta.

Mareka 1