Mareka 1:23-38 BIBELE (SSO89SO)

23. Nakong eo, ka tlung ya bona ya thapelo, ho ne ho le teng motho ya nang le moya o ditshila, mme a bokolla,

24. a re: “O re kene kang, Jesu wa Nasaretha? Na o tlilo re timetsa? Ke a tseba hore na o mang: O Ya Halalelang wa Modimo!”

25. Jesu a o kgalemela, a re: “Thola! Tswa ho yena!”

26. Yare hoba moya o ditshila o mo idibanye habohloko, o bokolle haholo, wa tswa ho yena.

27. Batho bohle ba hlollwa, hoo ba ileng ba botsana, ba re: “Hoo ke eng? Ke thuto e ntjha e nang le matla! O laela le meya e ditshila, mme e a mo mamela!”

28. Hanghang botumo ba hae ba phatlalla hohle naheng ya Galelea.

29. Yaba ba tswa ka tlung ya thapelo, ba kena ka tlung ya bo-Simone le Andrease ba ena le Jakobo le Johanne.

30. Mohwehadi wa Simone o ne a le diphateng, a tshwerwe ke feberu, mme ba tsebisa Jesu.

31. Jesu a ya ho yena, a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa, yaba feberu e a mo tlohela, mme a ba sebeletsa.

32. Mantsiboya, ha letsatsi le se le diketse, ha tliswa ho yena bohle ba kulang, le ba nang le bademona,

33. mme motse wohle wa bokana monyako.

34. A fodisa ba bangata ba neng ba jewa ke mafu a mefutafuta, a leleka bademona ba bangata, empa a se ke a dumella bademona ho bua, hobane ba ne ba tseba hore na ke mang.

35. Yare e sa le ka madungwadungwana, Jesu a tsoha, a tswa, a ya nahathothe, a rapella teng.

36. Simone le ba neng ba ena le yena ba mmatla;

37. ba mo fumana, mme ba re ho yena: “Bohle ba ntse ba o batla.”

38. A re ho bona: “A re yeng nqe nngwe metseng e ka mathoko, e le hore le teng ke tle ke rute, hobane ke seo ke se tletseng.”

Mareka 1