Mareka 1:21-30 BIBELE (SSO89SO)

21. Ba fihla Kaperenauma. Ka Sabatha Jesu a kena ka tlung ya thapelo, a ruta.

22. Batho ba hlollwa ke thuto ya hae, hobane o ne a ba ruta jwaloka ya nang le matla, e seng jwaloka Ditsebi tsa Molao.

23. Nakong eo, ka tlung ya bona ya thapelo, ho ne ho le teng motho ya nang le moya o ditshila, mme a bokolla,

24. a re: “O re kene kang, Jesu wa Nasaretha? Na o tlilo re timetsa? Ke a tseba hore na o mang: O Ya Halalelang wa Modimo!”

25. Jesu a o kgalemela, a re: “Thola! Tswa ho yena!”

26. Yare hoba moya o ditshila o mo idibanye habohloko, o bokolle haholo, wa tswa ho yena.

27. Batho bohle ba hlollwa, hoo ba ileng ba botsana, ba re: “Hoo ke eng? Ke thuto e ntjha e nang le matla! O laela le meya e ditshila, mme e a mo mamela!”

28. Hanghang botumo ba hae ba phatlalla hohle naheng ya Galelea.

29. Yaba ba tswa ka tlung ya thapelo, ba kena ka tlung ya bo-Simone le Andrease ba ena le Jakobo le Johanne.

30. Mohwehadi wa Simone o ne a le diphateng, a tshwerwe ke feberu, mme ba tsebisa Jesu.

Mareka 1