19. Yare hoba a tsamaye sebakana, a bona Jakobo, mora wa Sebedea, le Johanne ngwanabo, le bona ba le ka sekepeng ba ntse ba lokisa matlowa.
20. Yaba o a ba bitsa; ba tlohela ntata bona Sebedea le bahiruwa ka sekepeng, ba mo sala morao.
21. Ba fihla Kaperenauma. Ka Sabatha Jesu a kena ka tlung ya thapelo, a ruta.
22. Batho ba hlollwa ke thuto ya hae, hobane o ne a ba ruta jwaloka ya nang le matla, e seng jwaloka Ditsebi tsa Molao.
23. Nakong eo, ka tlung ya bona ya thapelo, ho ne ho le teng motho ya nang le moya o ditshila, mme a bokolla,
24. a re: “O re kene kang, Jesu wa Nasaretha? Na o tlilo re timetsa? Ke a tseba hore na o mang: O Ya Halalelang wa Modimo!”
25. Jesu a o kgalemela, a re: “Thola! Tswa ho yena!”
26. Yare hoba moya o ditshila o mo idibanye habohloko, o bokolle haholo, wa tswa ho yena.
27. Batho bohle ba hlollwa, hoo ba ileng ba botsana, ba re: “Hoo ke eng? Ke thuto e ntjha e nang le matla! O laela le meya e ditshila, mme e a mo mamela!”
28. Hanghang botumo ba hae ba phatlalla hohle naheng ya Galelea.
29. Yaba ba tswa ka tlung ya thapelo, ba kena ka tlung ya bo-Simone le Andrease ba ena le Jakobo le Johanne.