12. Ha ba lokileng ba busatjhaba se a thoholetsa;ha ba kgopo ba busatjhaba se a ipata.
13. Ya patang dibe tsa haea ke ke a ba le katleho;ya ipolelang tsona, a di bakela,o tla fumana mohau.
14. Ho lehlohonolo mothoya tshabang Morena kamehla,empa ya ithatafatsang peloo tla wela tsietsing.
15. Jwalokaha tau e purumale bere e kgobolaka,mmusi ya kgopo o jwaloha a busa bafumanehi.
16. Mmusi ya sethotoke mmampodi ya sehloho;ya hloileng maruo a bolotsanao tla phela halelele.
17. Ya molatowa ho tsholla madi a motho,e tla ba mophaphathehiho isa lefung,ho se be ya lekang ho mo thiba.
18. Ya phelang ka botshepehio tla fumana pholoho;ya phelang ka bokgopoyena hanghang o tla timela.
19. Ya lemang masimo a haeo tla tjhaya haholo;ya pheellang mafeelao tla futsaneha haholo.
20. Motho ya tshepahalango tla hlohonolofala haholo,athe ya potlakelang ho rua,kotlo o tla e fumana.
21. Ho ahlola ka leemehase ntho e ntle,empa motho a ka nna etsa sebe,hore a fumane sengwathwana.
22. Ya mahlo a matshoo potlakela leruo,ha a nahane le hore bofumabo tla mo wela hodimo.
23. Ya kgalemang motho e mong,o tla ratwa,ho feta ya qekisang ka leleme la hae.
24. Ya utswetsang ntatae kapa mmae,a ntsa ithetsa ka ho re:“Hona hase sebe,”ya jwalo yenake motswalle wa disenyi hantle.