7. Morena Heroda a utlwa tsohle tse etsahalang, mme a tsieleha hobane ba bang ba ne ba re, Johanne o tsositswe bafung,
8. ba bang ba re, ho hlahile Elia, ba bang ba re, ho tsohile moporofeta e mong wa ba boholoholo.
9. Empa Heroda a re: “Johanne ke mo kgaotse hlooho. Jwale enwa ke mang eo ke utlwang ho bolelwa tse jwalo ka yena?” Yaba o batla ho mmona.
10. Ha baapostola ba kgutlile, ba phetela Jesu tsohle tseo ba di entseng. A ba nka, ba tloha ba le nnotshi, ba lebisa motseng o bitswang Bethesaida.
11. Yare ha matshwele a tseba, a mo latela. Hoba a a amohele, a bua le wona ka Mmuso wa Modimo, a fodisa ba hlokang ho fodiswa.
12. Ha letsatsi le qala ho rapama, ba leshome le metso e mmedi ba atamela, ba re ho yena: “Lokolla letshwele, hore batho ba ye metseng le metsaneng e re teetseng hare, ba robaletse teng, mme ba fumane se jewang, hobane mona re nahathothe.”
13. A re ho bona: “Ba fepeng e le lona!”Empa ba re: “Ha re na letho ntle ho dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi feela, haese ha re ka ya rekela batho bana bohle dijo!”
14. E ne e le banna ba ka ba bang kete tse hlano.A re ho barutuwa ba hae: “Ba dudiseng ka dihlopha tsa ba ka bang mashome a mahlano se le seng.”
15. Ba etsa jwalo, ba ba dudisa bohle.
16. Jesu a nka dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a di hlohonolofatsa, a di ngwatha, a di nea barutuwa ho di abela letshwele.