1. Jesu a bitsa ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla le taolo hodima bademona bohle le matla a ho fodisa malwetse,
2. a ba roma ho ya phatlalatsa Mmuso wa Modimo le ho fodisa ba kulang,
3. a re ho bona: “Le se ke la nka letho ha le eta, leha e le lere, leha e le mokotlana, leha e le bohobe, leha e le tjhelete, leha e le diaparo tse pedi motho ka mong.
4. Tlung efe le efe eo le kenang ho yona, le dule teng, ho fihlela le tloha.
5. Ha le etswa motseng oo ba sa le amoheleng ho wona, le hlohlore lerole maotong a lona, e be bopaki bo ba qosang.”
6. Hoba ba tlohe, ba ya le metse ba ntse ba bolela molaetsa o molemo, ba fodisa kahohle.
7. Morena Heroda a utlwa tsohle tse etsahalang, mme a tsieleha hobane ba bang ba ne ba re, Johanne o tsositswe bafung,
8. ba bang ba re, ho hlahile Elia, ba bang ba re, ho tsohile moporofeta e mong wa ba boholoholo.
9. Empa Heroda a re: “Johanne ke mo kgaotse hlooho. Jwale enwa ke mang eo ke utlwang ho bolelwa tse jwalo ka yena?” Yaba o batla ho mmona.
10. Ha baapostola ba kgutlile, ba phetela Jesu tsohle tseo ba di entseng. A ba nka, ba tloha ba le nnotshi, ba lebisa motseng o bitswang Bethesaida.
11. Yare ha matshwele a tseba, a mo latela. Hoba a a amohele, a bua le wona ka Mmuso wa Modimo, a fodisa ba hlokang ho fodiswa.
12. Ha letsatsi le qala ho rapama, ba leshome le metso e mmedi ba atamela, ba re ho yena: “Lokolla letshwele, hore batho ba ye metseng le metsaneng e re teetseng hare, ba robaletse teng, mme ba fumane se jewang, hobane mona re nahathothe.”
13. A re ho bona: “Ba fepeng e le lona!”Empa ba re: “Ha re na letho ntle ho dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi feela, haese ha re ka ya rekela batho bana bohle dijo!”
14. E ne e le banna ba ka ba bang kete tse hlano.A re ho barutuwa ba hae: “Ba dudiseng ka dihlopha tsa ba ka bang mashome a mahlano se le seng.”
15. Ba etsa jwalo, ba ba dudisa bohle.
16. Jesu a nka dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a di hlohonolofatsa, a di ngwatha, a di nea barutuwa ho di abela letshwele.
17. Bohle ba eja, ba kgora, mme ha bokellwa diroto tse leshome le metso e mmedi tsa makumane a setseng.
18. Eitse ha Jesu a ntse a rapela boinotshing, barutuwa ba ena le yena, a ba botsa, a re: “Matshwele a re ke mang?”
19. Ba araba, ba re: “Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re Elia, empa ba bang ba re moporofeta e mong wa ba boholoholo o tsohile bafung.”
20. A re ho bona: “Empa lona le re ke mang?”Petrose a araba, a re: “O Kreste wa Modimo.”
21. A ba laya, mme a ba laela ho se bolelle motho hona,
22. a re: “Eka kgona Mora Motho a hlokofatswe haholo, a lahlwe ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, mme a bolawe, a nto tsoha bafung ka letsatsi la boraro.”
23. Jwale a re ho bohle: “Haeba motho a rata ho ntshala morao, a itele, a jare sefapano sa hae ka tsatsi le leng le le leng, mme a ntatele.
24. Mang le mang ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, empa mang le mang ya tla lahlehlwa ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla bo pholosa.
25. Ebe motho a ka boellwa keng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a lahlehelwa ke bophelo ba hae, kapa a timela?
26. Mang le mang ya tla hlajwa ke dihlong ka baka la ka le dipolelo tsa ka, Mora Motho o tla hlajwa ke dihlong ka baka la hae, ha a etla a le tlotleng ya hae, le ya Ntatae, le ya mangeloi a halalelang.
27. Empa kannete ke a le bolella hore ho na le ba bang ba emeng mona, ba ke keng ba latswa lefu, ba eso ka ba bona Mmuso wa Modimo.”
28. Kamora dipolelo tsena, ha ho fetile matsatsi a ka bang robedi, Jesu a nka Petrose, le Johanne, le Jakobo, a nyolohela thabeng ho ya rapela.
29. Ha a ntse a rapela, a fetoha tshobotsi, diaparo tsa hae tsa eba tshweu, tsa benya.
30. Bonang, banna ba babedi, bao e neng e le Moshe le Elia, ba ne ba buisana le yena,
31. ba iponahatsa tlotleng, ba bua ka lefu la hae leo a seng a tla le shwa Jerusalema.
32. Empa Petrose le ba nang le yena ba ne ba imetswe ke boroko; yare ha ba phaphama, ba bona tlotla ya Jesu le banna ba babedi ba emeng le yena.
33. Ha ba tloha ho yena, Petrose a re ho Jesu: “Monghadi, ke hantle ha re le mona. A re hlomeng maphephe a mararo, le leng e be la hao, le leng e be la Moshe, le leng e be la Elia,” feela a sa tsebe seo a se bolelang.
34. A re a sa rialo, ha tla leru, mme la ba kgurumetsa; ba tshoha ha ba kena lerung.
35. Lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo kgethileng; mo mameleng!”
36. Ha lentswe leo le utlwahala, Jesu a fumanwa a se a le mong. Bona ba kgutsa, mme matsatsing ao ba se ke ba tsebisa motho letho la tseo ba di boneng.
37. Ka le hlahlamang ha ba theoha thabeng, letshwelehadi la kgahlanyetsa Jesu.
38. Bonang, monna e mong a howa, a re: “Moruti, ke a o kopa hore o tadime mora wa ka, hobane ke yena a le inotshi.
39. Moya o ye o mo tshware, a tshohe a se a phasoloha, o mo akgehise, a kgethetse makweba, mme o tlohe ka thata ho yena, o mo teteditse.
40. Ke ile ka kopa barutuwa ba hao hore ba o leleke, empa ba hlotswe.”
41. Jesu a araba, a re: “A moloko o sa dumeleng, o kgopo! Ke tla ba le lona, ke le mamelle ho fihlela neneng? Tlisa mora wa hao kwano!”
42. A re a sa atamela, modemona wa tabanya moshanyana fatshe, wa mo akgehisa. Empa Jesu a kgalemela moya oo o ditshila, a fodisa moshanyana, a mo kgutlisetsa ho ntatae.
43. Bohle ba tsota boholo ba Modimo.Yare ha bohle ba makalla tsohle tseo Jesu a di entseng, a re ho barutuwa ba hae:
44. “Lona, mamelang dipolelo tsena ka hloko, hobane Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho.”
45. Empa ba ne ba sa utlwisise polelo eo, e ba siretse hore ba se ke ba e hlalohanya. Ba tshaba ho mmotsa ka tsa polelo eo.
46. Jwale ha hlaha kgang hara bona, ya hore na ekaba e moholo hara bona ke mang.
47. Jesu, ka ho tseba menahano ya pelo tsa bona, a nka ngwana, a mo emisa pela hae,
48. a re ho bona: “Mang le mang ya amohelang ngwana enwa lebitsong la ka, o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng, hobane ya leng monyenyane hara lona bohle, ke yena e moholo.”
49. Johanne a bua, a re: “Monghadi, re bone e mong a leleka bademona ka lebitso la hao, mme ra mo thibela, kahobane a sa o latele jwaloka rona.”
50. Jesu a re ho yena: “Le se ke la mo thibela, hobane ya sa le lwantsheng o eme le lona.”
51. Ha nako ya hae ya ho nkelwa lehodimong e atametse, a ikemisetsa ho leba Jerusalema,
52. mme a roma baromuwa ho mo etella pele. Ba kena motseng o mong wa Basamaria ho mo lokisetsa.
53. Empa ba se ke ba mo amohela, hobane a ne a lebile Jerusalema.
54. Yare ha barutuwa ba hae, Jakobo le Johanne, ba bona hoo, ba re: “Morena, na o rata hore re re mollo o theohe lehodimong, o ba fedise?”
55. Empa Jesu a reteleha a ba kgalemela.
56. Yaba ba ya motseng osele.
57. Ha ba le tseleng, e mong a re ho Jesu: “Ke tla o latela hohle moo o ka yang teng.”
58. Jesu a re ho yena: “Diphokojwe di na le mesima, dinonyana di na le dihlaha, empa Mora Motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.”
59. A re ho e mong: “Ntatele!”Empa eo a re: “Morena, ako ntumelle ke yo pata ntate pele.”
60. Jesu a re ho yena: “Lesa bafu ba pate bafu ba bona, empa wena eya, o phatlalatse Mmuso wa Modimo.”
61. E mong hape a re: “Ke tla o latela, Morena; feela ako ntumelle ke yo dumedisa ba lelapa la ka pele.”
62. Jesu a re ho yena: “Ya beang letsoho mohomeng, empa a hetla tse kamorao, ha a lokele Mmuso wa Modimo.”