Luka 17 BIBELE (SSO89SO)

Dipolelo tse ding tsa Jesu

1. Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Hase ho ka etsahalang hore meleko e se ke ya eba teng, empa ho madimabe eo e tlang ka yena.

2. Ho ka ba molemo ho yena ha a tlamellwa lelwala molaleng, a dihelwa lewatleng, ho ena le hore a dihele e mong wa ba banyenyane bana sebeng.

3. Itlhokomeleng!“Haeba ngwaneno a o sitelwa, mo kgalemele, mme haeba a baka, mo tshwarele.

4. Haeba a o sitelwa hasupa ka letsatsi, a boela ho wena hasupa, a re: <Ke bakile,> o mo tshwarele.”

5. Baapostola ba re ho Morena: “Re ekeletse tumelo.”

6. Morena a re: “Hojane le na le tumelo e kaalo ka tlhaku ya mosetareta, le ne le ka re ho sefate sena sa monokotshwai: <Iphothole, o itlhome lewatleng,> mme se ne se ka le mamela.

7. “E ka ba mang ho lona, eo ha a ena le mohlanka ya lemang kapa ya alosang, ha a fihla a etswa naheng, a ka reng ho yena: <Tloo kapele, o dule, o je?>

8. Na a ke ke a mpa a re ho yena: <Ntokisetse dijo, o itlame letheka, o ntshebeletse ho fihlela ke qeta ho ja le ho nwa, mme kamora tsena, o ka ja, wa nwa?>

9. Na o ye a lebohe mohlanka hobane a entse tseo a di laetsweng na?

10. Ka mokgwa oo le lona, ha le entse tsohle tseo le di laetsweng, ereng: <Re bahlanka ba se nang thuso, re entse seo re neng re tshwanetse ho se etsa.> ”

Phodiso ya balepera ba leshome

11. Eitse ha Jesu a eya Jerusalema, a feta pakeng tsa Samaria le Galelea.

12. Yare ha a kena motseng o mong, a kgahlana le banna ba balepera ba leshome. Ba ema hojana,

13. ba howeletsa, ba re: “Jesu, Monghadi, ako re utlwele bohloko!”

14. Ha a ba bona a re ho bona: “Eyang, le itlhahise ho baprista.” Ba re ba sa ya, ba fola, ba hlweka.

15. Empa e mong wa bona ha a bona hore o fodile, a kgutla a ntse a tlotlisa Modimo ka lentswe le phahameng,

16. a itihela fatshe ka sefahleho maotong a Jesu, a mo leboha. Yena e ne e le Mosamaria.

17. Jesu a botsa, a re: “Ha ke re ho fodisitswe ba leshome? Ba robong ba kae?

18. Na ha ho ba kgutlileng ho tlotlisa Modimo, haese moditjhaba eo feela na?”

19. Yaba o re ho yena: “Ema, o ikele; tumelo ya hao e o fodisitse.”

Ho tla ha Mmuso wa Modimo

20. Yare ha Jesu a botswa ke Bafarisi hore na Mmuso wa Modimo o tla tla neng, a ba araba, a re: “Mmuso wa Modimo ha o tle ka mokgwa o bonwang;

21. hape ho ke be ha thwe: <Bonang, o mona, kapa o mane!> Mmuso wa Modimo o hara lona.”

22. A re ho barutuwa: “Ho tla tla matsatsi ao ka wona le tla labalabela ho bona le leng la matsatsi a Mora Motho, empa le ke ke la le bona.

23. Ba tla re ho lona: <Bonang, o mane!> kapa: <Bonang, o mona!> Le se ke la ya, leha e le ho ba latela.

24. Jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha nqa e nngwe tlasa lehodimo, ho ya nqa e nngwe tlasa lehodimo, Mora Motho o tla ba jwalo mohla letsatsi la hae.

25. Empa eka kgona a hlokofatswe haholo pele, a be a lahlwe ke moloko ona.

26. “Jwalokaha ho ne ho etsahale mehleng ya Nowe, ho tla ba jwalo le matsatsing a Mora Motho:

27. batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela letsatsing leo Nowe a kenang ka arekeng ka lona, mme ho etla morallo, o ba timetsa bohle.

28. “Ka mokgwa wona oo ho ne ho be jwalo mehleng ya Lota: ba ne ba eja, ba enwa, ba reka, ba rekisa, ba lema, ba haha.

29. Empa ka letsatsi leo Lota a neng a tswe Sodoma ka lona, mollo le sebabole tsa na, di etswa lehodimong, tsa ba timetsa bohle.

30. “Ho tla ba jwalo ka letsatsi leo Mora Motho a iponahatsang ka lona.

31. Ka letsatsi leo, ya tla be a le hodima ntlo, mme thepa ya hae e le ka tlung, a se ke a theoha ho ya e nka, le ya leng masimong a se ke a kgutlela hae.

32. Hopolang mosadi wa Lota.

33. Mang le mang ya lekang ho ipolokela bophelo ba hae bo tla mo senyehela, empa eo bo mo senyehelang o tla bo pholosa.

34. Ke a le bolella, ka bosiu boo etlare ba babedi ba le betheng e le nngwe, e mong a nkwe, e mong a siuwe;

35. basadi ba babedi ba tla be ba sila hammoho, e mong a nkwe, e mong a siuwe.

36. Batho ba babedi ba tla be ba le naheng, e mong o tla nkwa, e mong a siuwe.”

37. Ba araba, ba re ho yena: “Hokae, Morena?”A re ho bona: “Moo sefifi se leng teng, le matlaka a tla bokana teng.”