45. Empa ba ne ba sa utlwisise polelo eo, e ba siretse hore ba se ke ba e hlalohanya. Ba tshaba ho mmotsa ka tsa polelo eo.
46. Jwale ha hlaha kgang hara bona, ya hore na ekaba e moholo hara bona ke mang.
47. Jesu, ka ho tseba menahano ya pelo tsa bona, a nka ngwana, a mo emisa pela hae,
48. a re ho bona: “Mang le mang ya amohelang ngwana enwa lebitsong la ka, o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng, hobane ya leng monyenyane hara lona bohle, ke yena e moholo.”
49. Johanne a bua, a re: “Monghadi, re bone e mong a leleka bademona ka lebitso la hao, mme ra mo thibela, kahobane a sa o latele jwaloka rona.”
50. Jesu a re ho yena: “Le se ke la mo thibela, hobane ya sa le lwantsheng o eme le lona.”
51. Ha nako ya hae ya ho nkelwa lehodimong e atametse, a ikemisetsa ho leba Jerusalema,
52. mme a roma baromuwa ho mo etella pele. Ba kena motseng o mong wa Basamaria ho mo lokisetsa.
53. Empa ba se ke ba mo amohela, hobane a ne a lebile Jerusalema.
54. Yare ha barutuwa ba hae, Jakobo le Johanne, ba bona hoo, ba re: “Morena, na o rata hore re re mollo o theohe lehodimong, o ba fedise?”
55. Empa Jesu a reteleha a ba kgalemela.
56. Yaba ba ya motseng osele.
57. Ha ba le tseleng, e mong a re ho Jesu: “Ke tla o latela hohle moo o ka yang teng.”
58. Jesu a re ho yena: “Diphokojwe di na le mesima, dinonyana di na le dihlaha, empa Mora Motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.”
59. A re ho e mong: “Ntatele!”Empa eo a re: “Morena, ako ntumelle ke yo pata ntate pele.”
60. Jesu a re ho yena: “Lesa bafu ba pate bafu ba bona, empa wena eya, o phatlalatse Mmuso wa Modimo.”
61. E mong hape a re: “Ke tla o latela, Morena; feela ako ntumelle ke yo dumedisa ba lelapa la ka pele.”