Luka 9:38-48 BIBELE (SSO89SO)

38. Bonang, monna e mong a howa, a re: “Moruti, ke a o kopa hore o tadime mora wa ka, hobane ke yena a le inotshi.

39. Moya o ye o mo tshware, a tshohe a se a phasoloha, o mo akgehise, a kgethetse makweba, mme o tlohe ka thata ho yena, o mo teteditse.

40. Ke ile ka kopa barutuwa ba hao hore ba o leleke, empa ba hlotswe.”

41. Jesu a araba, a re: “A moloko o sa dumeleng, o kgopo! Ke tla ba le lona, ke le mamelle ho fihlela neneng? Tlisa mora wa hao kwano!”

42. A re a sa atamela, modemona wa tabanya moshanyana fatshe, wa mo akgehisa. Empa Jesu a kgalemela moya oo o ditshila, a fodisa moshanyana, a mo kgutlisetsa ho ntatae.

43. Bohle ba tsota boholo ba Modimo.Yare ha bohle ba makalla tsohle tseo Jesu a di entseng, a re ho barutuwa ba hae:

44. “Lona, mamelang dipolelo tsena ka hloko, hobane Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho.”

45. Empa ba ne ba sa utlwisise polelo eo, e ba siretse hore ba se ke ba e hlalohanya. Ba tshaba ho mmotsa ka tsa polelo eo.

46. Jwale ha hlaha kgang hara bona, ya hore na ekaba e moholo hara bona ke mang.

47. Jesu, ka ho tseba menahano ya pelo tsa bona, a nka ngwana, a mo emisa pela hae,

48. a re ho bona: “Mang le mang ya amohelang ngwana enwa lebitsong la ka, o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng, hobane ya leng monyenyane hara lona bohle, ke yena e moholo.”

Luka 9