Luka 9:30-41 BIBELE (SSO89SO)

30. Bonang, banna ba babedi, bao e neng e le Moshe le Elia, ba ne ba buisana le yena,

31. ba iponahatsa tlotleng, ba bua ka lefu la hae leo a seng a tla le shwa Jerusalema.

32. Empa Petrose le ba nang le yena ba ne ba imetswe ke boroko; yare ha ba phaphama, ba bona tlotla ya Jesu le banna ba babedi ba emeng le yena.

33. Ha ba tloha ho yena, Petrose a re ho Jesu: “Monghadi, ke hantle ha re le mona. A re hlomeng maphephe a mararo, le leng e be la hao, le leng e be la Moshe, le leng e be la Elia,” feela a sa tsebe seo a se bolelang.

34. A re a sa rialo, ha tla leru, mme la ba kgurumetsa; ba tshoha ha ba kena lerung.

35. Lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo kgethileng; mo mameleng!”

36. Ha lentswe leo le utlwahala, Jesu a fumanwa a se a le mong. Bona ba kgutsa, mme matsatsing ao ba se ke ba tsebisa motho letho la tseo ba di boneng.

37. Ka le hlahlamang ha ba theoha thabeng, letshwelehadi la kgahlanyetsa Jesu.

38. Bonang, monna e mong a howa, a re: “Moruti, ke a o kopa hore o tadime mora wa ka, hobane ke yena a le inotshi.

39. Moya o ye o mo tshware, a tshohe a se a phasoloha, o mo akgehise, a kgethetse makweba, mme o tlohe ka thata ho yena, o mo teteditse.

40. Ke ile ka kopa barutuwa ba hao hore ba o leleke, empa ba hlotswe.”

41. Jesu a araba, a re: “A moloko o sa dumeleng, o kgopo! Ke tla ba le lona, ke le mamelle ho fihlela neneng? Tlisa mora wa hao kwano!”

Luka 9