21. hape ho ke be ha thwe: <Bonang, o mona, kapa o mane!> Mmuso wa Modimo o hara lona.”
22. A re ho barutuwa: “Ho tla tla matsatsi ao ka wona le tla labalabela ho bona le leng la matsatsi a Mora Motho, empa le ke ke la le bona.
23. Ba tla re ho lona: <Bonang, o mane!> kapa: <Bonang, o mona!> Le se ke la ya, leha e le ho ba latela.
24. Jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha nqa e nngwe tlasa lehodimo, ho ya nqa e nngwe tlasa lehodimo, Mora Motho o tla ba jwalo mohla letsatsi la hae.
25. Empa eka kgona a hlokofatswe haholo pele, a be a lahlwe ke moloko ona.
26. “Jwalokaha ho ne ho etsahale mehleng ya Nowe, ho tla ba jwalo le matsatsing a Mora Motho:
27. batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela letsatsing leo Nowe a kenang ka arekeng ka lona, mme ho etla morallo, o ba timetsa bohle.
28. “Ka mokgwa wona oo ho ne ho be jwalo mehleng ya Lota: ba ne ba eja, ba enwa, ba reka, ba rekisa, ba lema, ba haha.
29. Empa ka letsatsi leo Lota a neng a tswe Sodoma ka lona, mollo le sebabole tsa na, di etswa lehodimong, tsa ba timetsa bohle.
30. “Ho tla ba jwalo ka letsatsi leo Mora Motho a iponahatsang ka lona.
31. Ka letsatsi leo, ya tla be a le hodima ntlo, mme thepa ya hae e le ka tlung, a se ke a theoha ho ya e nka, le ya leng masimong a se ke a kgutlela hae.
32. Hopolang mosadi wa Lota.
33. Mang le mang ya lekang ho ipolokela bophelo ba hae bo tla mo senyehela, empa eo bo mo senyehelang o tla bo pholosa.