Luka 17:14-25 BIBELE (SSO89SO)

14. Ha a ba bona a re ho bona: “Eyang, le itlhahise ho baprista.” Ba re ba sa ya, ba fola, ba hlweka.

15. Empa e mong wa bona ha a bona hore o fodile, a kgutla a ntse a tlotlisa Modimo ka lentswe le phahameng,

16. a itihela fatshe ka sefahleho maotong a Jesu, a mo leboha. Yena e ne e le Mosamaria.

17. Jesu a botsa, a re: “Ha ke re ho fodisitswe ba leshome? Ba robong ba kae?

18. Na ha ho ba kgutlileng ho tlotlisa Modimo, haese moditjhaba eo feela na?”

19. Yaba o re ho yena: “Ema, o ikele; tumelo ya hao e o fodisitse.”

20. Yare ha Jesu a botswa ke Bafarisi hore na Mmuso wa Modimo o tla tla neng, a ba araba, a re: “Mmuso wa Modimo ha o tle ka mokgwa o bonwang;

21. hape ho ke be ha thwe: <Bonang, o mona, kapa o mane!> Mmuso wa Modimo o hara lona.”

22. A re ho barutuwa: “Ho tla tla matsatsi ao ka wona le tla labalabela ho bona le leng la matsatsi a Mora Motho, empa le ke ke la le bona.

23. Ba tla re ho lona: <Bonang, o mane!> kapa: <Bonang, o mona!> Le se ke la ya, leha e le ho ba latela.

24. Jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha nqa e nngwe tlasa lehodimo, ho ya nqa e nngwe tlasa lehodimo, Mora Motho o tla ba jwalo mohla letsatsi la hae.

25. Empa eka kgona a hlokofatswe haholo pele, a be a lahlwe ke moloko ona.

Luka 17