Johanne 9:22-32 BIBELE (SSO89SO)

22. Batswadi ba hae ba ile ba bolela tsena ka ho tshaba Bajuda, hobane Bajuda ba ne ba se ba dumellane hore, ha motho a ka bolela hore ke Kreste, o tla kgaolwa phuthehong.

23. Ka lebaka lena, batswadi ba hae ba re: “O se a le moholo, mmotseng.”

24. Motho ya neng a foufetse a bitswa ke Bafarisi kgetlo la bobedi; ba re ho yena: “Bua nnete ya Modimo; re a tseba hore motho eno ke moetsadibe.”

25. A araba, a re: “Ha ke tsebe hore ke moetsadibe; ke tseba ntho e le nngwe, e leng hore ke ne ke foufetse, jwale ke a bona.”

26. Yaba ba re ho yena: “O ile a etsang ho wena? O ile a o tutubolla mahlo jwang?”

27. A ba araba, a re: “Ke se ke le boleletse, mme ha le a ka la mamela; le rata ho utlwa hape ka baka lang? Na le lona le rata ho fetoha barutuwa ba hae?”

28. Ba mo hlapaola, ba re: “Ke wena morutuwa wa hae, rona re barutuwa ba Moshe;

29. re a tseba hore Modimo o ile a bua le Moshe, empa enwa ha re tsebe hore na o tswa kae.”

30. Motho eo a ba araba, a re: “Ke taba e makatsang ha le sa tsebe hore na o tswa kae, empa a ntutubolotse mahlo.

31. Re a tseba hore Modimo ha a utlwe baetsadibe, empa ha motho a tshaba Modimo, a etsa thato ya hae, Modimo o a mo utlwa.

32. Ha ho eso ka ho utlwahala le ka mohla hore motho o kile a tutubolla mahlo a ya tswetsweng e le sefofu.

Johanne 9