Johanne 9:15-25 BIBELE (SSO89SO)

15. Bafarisi ba mmotsa hape hore na o foufolohile jwang. A re ho bona: “O ile a tlotsa mahlo a ka ka seretse; ka ya iphotla, mme ka bona.”

16. Ba bang ho Bafarisi ba re: “Motho eo ha a tswe ho Modimo, hobane ha a boloke Sabatha.”Ba bang ba re: “Motho wa moetsadibe a ka tseba jwang ho etsa mehlolo e jwalo?” Karohano ya eba teng hara bona.

17. Ba re hape ho sefofu: “Wena o reng ka yena, ha e le moo a o tutubolotse mahlo?”Sa re: “Ke moporofeta.”

18. Bajuda ha ba a ka ba dumela hore o ne a foufetse, mme jwale o foufolohile, ho fihlela ba bitsa batswadi ba ya ileng a foufoloha.

19. Ba ba botsa, ba re: “Na eo ke mora wa lona, eo le reng o tswetswe a foufetse? O bona jwang jwale?”

20. Batswadi ba hae ba ba araba, ba re: “Re a tseba hore enwa ke mora wa rona, le hore o tswetswe a foufetse,

21. empa ha re tsebe hore na o bona jwang jwale, le hore na ya mo tutubolotseng mahlo ke mang, ha re tsebe; mmotseng, o se a le moholo, o tla ipuella.”

22. Batswadi ba hae ba ile ba bolela tsena ka ho tshaba Bajuda, hobane Bajuda ba ne ba se ba dumellane hore, ha motho a ka bolela hore ke Kreste, o tla kgaolwa phuthehong.

23. Ka lebaka lena, batswadi ba hae ba re: “O se a le moholo, mmotseng.”

24. Motho ya neng a foufetse a bitswa ke Bafarisi kgetlo la bobedi; ba re ho yena: “Bua nnete ya Modimo; re a tseba hore motho eno ke moetsadibe.”

25. A araba, a re: “Ha ke tsebe hore ke moetsadibe; ke tseba ntho e le nngwe, e leng hore ke ne ke foufetse, jwale ke a bona.”

Johanne 9