6. Sediba sa Jakobo se ne se le hona moo. Kaha Jesu a ne a kgathetse ke leeto, a dula sedibeng; e ne e ka ba hara mpa ya motsheare.
7. Mosadi wa Mosamaria a tla ho kga metsi. Jesu a re ho yena: “Ako mphe, ke nwe.”
8. Barutuwa ba hae ba ne ba ile motseng ho reka dijo.
9. Mosadi wa Mosamaria a re ho yena: “O ka nkopa ho nwa jwang o le Mojuda, nna ke le mosadi wa Mosamaria?” Bajuda ha ba na taba le Basamaria.
10. Jesu a mo araba, a re: “Hoja o tsebile mpho ya Modimo, le hore na ke mang ya reng ho wena: <Ako mphe, ke nwe,> wena, o ka be o mo kopile, mme a ka be a o file metsi a kollang.”
11. Mosadi a re ho yena: “Monghadi, ha o na sekgello, le sediba se tebile; jwale metsi a kollang o a nka kae?
12. Na o moholo ho feta ntata rona Jakobo ya re neileng sediba see, le yena a nwa ho sona, le bara ba hae, le diphoofolo tsa hae?”
13. Jesu a mo araba, a re: “E mong le e mong ya nwang metsi ana, o tla nyorwa hape;
14. athe mang le mang ya nwang metsi ao ke tla mo fa wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa wona a tla fetoha ka ho yena sediba sa metsi a kopoletsang bophelong bo sa feleng.”
15. Mosadi a re ho yena: “Monghadi, ako mphe metsi ao, hore ke se ke ka hlola ke nyorwa, leha e le ho tla kga mona.”
16. Jesu a re ho yena: “Eya, o bitse monna wa hao, le tle kwano.”
17. Mosadi a mo araba, a re: “Ha ke na monna.”Jesu a re ho yena: “O nepile ha o re: <Ha ke na monna,>
18. hobane o bile le banna ba bahlano, mme eo o nang le yena hona jwale hase monna wa hao; moo o buile nnete.”
19. Mosadi a re ho yena: “Monghadi, ke lemoha hore o moporofeta.
20. Bo-ntata rona ba ile ba kgumamela Modimo thabeng ena, empa lona le re Jerusalema ke sona sebaka seo eka kgonang ho khumamellwe ho sona.”
21. Jesu a re ho yena: “Mosadi, ntumele hore nako e a tla eo ka yona le sa tlo kgumamella Ntate thabeng ena, leha e le Jerusalema.
22. Lona le kgumamela seo le sa se tsebeng; rona re kgumamela seo re se tsebang, hobane pholoho e tswa ho Bajuda.
23. Empa nako e a tla, mme e se e fihlile, eo ka yona bakgumamedi ba nnete ba tla kgumamela Ntate ka moya le ka nnete, hobane Ntate o fela a batla ba jwalo ho mo khumamela.
24. Modimo ke moya, mme ba mo kgumamelang eka kgona ba mo kgumamele ka moya le ka nnete.”