Johanne 4:33-50 BIBELE (SSO89SO)

33. Barutuwa ba botsana, ba re: “Na ebe e mong o mo tliseditse dijo?”

34. Jesu a re ho bona: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.

35. Ha ke re le ye le re: <Kgwedi di sa le nne, mme e nto ba kotulo?> Bonang, ke a le bolella, phahamisang mahlo, le bone hore masimo a sweufaletse kotulo.

36. Mokotudi o se a amohela moputso, mme dijo o di bokellela bophelo bo sa feleng, hore mojadi a thabe hammoho le mokotudi.

37. Ke moo polelo ena e tla netefala: E mong o a jala, e mong o a kotula.

38. Ke le romile ho kotula seo le sa kang la se sebetsa; ba bang ba sebeditse, mme lona le ja mofufutso wa bona.”

39. Ba bangata ba Basamaria ba motse oo ba dumela ho yena ka baka la polelo ya mosadi ya ileng a paka, a re: “O mpoleletse tsohle tseo ke di entseng.”

40. Ha Basamaria ba fihla ho yena, ba mo kopa hore a hlole le bona; a hlola teng matsatsi a mabedi.

41. Ba bangata ho feta ba dumela ka baka la polelo ya hae.

42. Ba re ho mosadi: “Ha e sa le ka baka la puo ya hao feela re dumelang; re ikutlwetse ka borona, mme re a tseba hore ruri monna enwa ke Mopholosi wa lefatshe.”

43. Kamora matsatsi ao a mabedi a tloha teng, a ya Galelea,

44. hobane Jesu ka sebele sa hae o ile a bolela hore moporofeta ha a hlomphuwe ha habo.

45. Ha a fihla Galelea, Bagalelea ba mo amohela, hobane ba ne ba bone tsohle tseo a di entseng moketeng, Jerusalema; kaha le bona ba ne ba ile moketeng.

46. A boela a ya Kana e Galelea, moo a neng a fetole metsi veine teng. Hona moo ho ne ho ena le letona le leng, leo mora wa lona a neng a kula, Kaperenauma.

47. Ha le utlwa hore Jesu o fihlile Galelea a etswa Judea, la tla ho yena, la mo kopa hore a theohe, a yo fodisa mora wa lona, hobane o ne a le makgatheng a ho shwa.

48. Jesu a re ho lona: “Ha le sa bone dipontsho le mehlolo ha le ka ke la dumela.”

49. Letona la re ho yena: “Monghadi, ako theohe hle, ngwana wa ka a eso shwe.”

50. Jesu a re ho lona: “Eya, mora wa hao o phetse.”Monna eo a dumela polelo eo Jesu a mmoleletseng eona, mme a ikela.

Johanne 4