Johanne 4:21-35 BIBELE (SSO89SO)

21. Jesu a re ho yena: “Mosadi, ntumele hore nako e a tla eo ka yona le sa tlo kgumamella Ntate thabeng ena, leha e le Jerusalema.

22. Lona le kgumamela seo le sa se tsebeng; rona re kgumamela seo re se tsebang, hobane pholoho e tswa ho Bajuda.

23. Empa nako e a tla, mme e se e fihlile, eo ka yona bakgumamedi ba nnete ba tla kgumamela Ntate ka moya le ka nnete, hobane Ntate o fela a batla ba jwalo ho mo khumamela.

24. Modimo ke moya, mme ba mo kgumamelang eka kgona ba mo kgumamele ka moya le ka nnete.”

25. Mosadi a re ho yena: “Ke a tseba hore Mesia, ya bitswang Kreste, o a tla; mohla a tlang, o tla re bolella dintho tsohle.”

26. Jesu a re ho yena: “Ke nna ya buang le wena.”

27. Ka nako eo barutuwa ba hae ba fihla, mme ba makala ha a bua le mosadi, leha empa ho ne ho se ya reng: “O batla eng, kapa o buelang le yena?”

28. Yaba mosadi o siya nkgo ya hae, o ya motseng, o re ho batho:

29. “Tloong, le bone motho ya mpoleletseng tsohle tseo ke di entseng; na ekaba hase yena Kreste?”

30. Ba tswa motseng, ba tla ho yena.

31. Barutuwa ba sala ba mo kopa, ba re: “Rabbi, ako je.”

32. Empa a re ho bona: “Ke na le sejo seo ke se jang, seo le sa se tsebeng.”

33. Barutuwa ba botsana, ba re: “Na ebe e mong o mo tliseditse dijo?”

34. Jesu a re ho bona: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.

35. Ha ke re le ye le re: <Kgwedi di sa le nne, mme e nto ba kotulo?> Bonang, ke a le bolella, phahamisang mahlo, le bone hore masimo a sweufaletse kotulo.

Johanne 4