Johanne 4:11-22 BIBELE (SSO89SO)

11. Mosadi a re ho yena: “Monghadi, ha o na sekgello, le sediba se tebile; jwale metsi a kollang o a nka kae?

12. Na o moholo ho feta ntata rona Jakobo ya re neileng sediba see, le yena a nwa ho sona, le bara ba hae, le diphoofolo tsa hae?”

13. Jesu a mo araba, a re: “E mong le e mong ya nwang metsi ana, o tla nyorwa hape;

14. athe mang le mang ya nwang metsi ao ke tla mo fa wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa wona a tla fetoha ka ho yena sediba sa metsi a kopoletsang bophelong bo sa feleng.”

15. Mosadi a re ho yena: “Monghadi, ako mphe metsi ao, hore ke se ke ka hlola ke nyorwa, leha e le ho tla kga mona.”

16. Jesu a re ho yena: “Eya, o bitse monna wa hao, le tle kwano.”

17. Mosadi a mo araba, a re: “Ha ke na monna.”Jesu a re ho yena: “O nepile ha o re: <Ha ke na monna,>

18. hobane o bile le banna ba bahlano, mme eo o nang le yena hona jwale hase monna wa hao; moo o buile nnete.”

19. Mosadi a re ho yena: “Monghadi, ke lemoha hore o moporofeta.

20. Bo-ntata rona ba ile ba kgumamela Modimo thabeng ena, empa lona le re Jerusalema ke sona sebaka seo eka kgonang ho khumamellwe ho sona.”

21. Jesu a re ho yena: “Mosadi, ntumele hore nako e a tla eo ka yona le sa tlo kgumamella Ntate thabeng ena, leha e le Jerusalema.

22. Lona le kgumamela seo le sa se tsebeng; rona re kgumamela seo re se tsebang, hobane pholoho e tswa ho Bajuda.

Johanne 4