Jobo 5:15-24 BIBELE (SSO89SO)

15. Modimo o namolela mafutsanapuong tse hlabang,a a lopolle matsohong a ba dikgoka;

16. kahoo mafutsana a ruile letshepa,molomo wa bokgopo o a kwaleha,o didimale.”

17. “Ho lehlohonoloeo Modimo a mo tshwayang phoso,kahoo se nyatseha Ya Matla a o kgalema.

18. Modimo o a hlatha,a be a tlame leqeba;tsoho la hae le a otla,le bile le a fodisa;

19. o tla o phemisa diwadi o hlwele hodimo,ka makgetlokgetlobobe bo ke ke ba o ama.

20. Nakong ya sekobotoo tla o namolela lefung,nakong ya dintwasabole a e thithibanye bohale.

21. O tla sireletswa puongtsa monyefodi,timelo o ke ke wa e tshabaha e fihlile;

22. o tla tsheha timelo le sekoboto,batana tsa fatshe lenao ke ke be wa di tshaba.

23. Majwe a ke ke a o sitisaho lema masimo,batana tsa nahadi tla phela ka kgotso le wena.

24. O tla bona lapa la haole phela ka kgotso,o fumane tsohle tsa haodi ntse di feletse.

Jobo 5