Jobo 5:1-17 BIBELE (SSO89SO)

1. “Meketsa, Jobo!O a arabelwa ke mang?Hara mangeloio tla ipiletsa ho mang?

2. Sethoto se bolawake ho komakoma ha sona,sehlohwane sonase bolawa ke mona.

3. Ke bone thoto se mela,methapo ya sona e nama;ha ntshi e panya,leaho la sona la newa thohako.

4. Bana ba sonaha ba a sireletswa ke motho,ba robokellwa kgotla,ba hloka manamolela;

5. kotulo ya sonae jewa ke ya lapileng a ituletse,a e honyolleleha e le kahara meutlwa,batupi bonaba nyoretswe leruo la sona.

6. Lerole hase lonamohlodi wa ditlokotsi,tsietsi ha di ke di ropohadi hlaha fatshe;

7. motho ditsietsi o tswalwa a di apere,seka tetemae qhomisetsa ditlhase hodimo.”

8. “Hoja ke wenanka be ke ipiletsa ho Modimo,kapele ho Modimoke ipeha ka taba ya ka;

9. yena o etsa dikgolo,mafeta-kutliwisiso-ya-motho,o etsa dimakatso,ntlhokapalo ke boiyane.

10. Lefatshe o le nesetsa pula,pula ya ditlwebelele,metsi a phutsalle,a tlale dithota kahohle;

11. ba eisehanga ba hlwesetse hodima ditlhoro,ba bofifing bona a ba tshedise.

12. O nyopisa merero,bo-ramasene ba e rerile,ba be ba hloke katleho;

13. ka maraba a bonao tshwasa bo-ramasene,maqheka a bona a fetoha lefeela.

14. Ba aparelwa ke lefifitsatsi le ba tjhabetse,ere tadi e anyesaba phothasele seka bosiu.

15. Modimo o namolela mafutsanapuong tse hlabang,a a lopolle matsohong a ba dikgoka;

16. kahoo mafutsana a ruile letshepa,molomo wa bokgopo o a kwaleha,o didimale.”

17. “Ho lehlohonoloeo Modimo a mo tshwayang phoso,kahoo se nyatseha Ya Matla a o kgalema.

Jobo 5