Jobo 37:9-15 BIBELE (SSO89SO)

9. Mamati a tjhankana ya sefefoa petlekilwe,meya e pepetlang e tlisa serame.

10. Ha Modimo a phefumolohaleqhwa le a bopeha,kahohle metsi a fetohe qhoqhwaane.

11. Maru a matshoa dusa pula ya motloporo,ka maru ao,Modimo lehadima o a le hasa.

12. Maru a ntsa phetheselatseleng ya wona,a aparetse lefatshe kahohlehohle,a phetha taelotseo Modimo a di entseng.

13. Modimo a ka nesa pulae le kotlo ho batho,kapa a e nesahore fatshe le be mongobo,kapa a e nesae le supo sa lerato la hae.

14. “Oho, wena Jobo,ako mamele sena:Kgutsa, o ko nahanedimakatso tsa Modimo!

15. Na o tseba kamoo Modimoa laolang maru kateng,le kamoo a etsanghore hadima la hae le tsekeme?

Jobo 37