Jobo 37:12-19 BIBELE (SSO89SO)

12. Maru a ntsa phetheselatseleng ya wona,a aparetse lefatshe kahohlehohle,a phetha taelotseo Modimo a di entseng.

13. Modimo a ka nesa pulae le kotlo ho batho,kapa a e nesahore fatshe le be mongobo,kapa a e nesae le supo sa lerato la hae.

14. “Oho, wena Jobo,ako mamele sena:Kgutsa, o ko nahanedimakatso tsa Modimo!

15. Na o tseba kamoo Modimoa laolang maru kateng,le kamoo a etsanghore hadima la hae le tsekeme?

16. Na o tseba kamoo marua tsheheditsweng kateng,le dimakatso tsa eo tsebo ya haee phethehileng?

17. Na o tseba hore aparodi futhumatsa jwangha moya o hlaha borwa,naha e jele boya?

18. Na o ka mo thusaho sarolla mahodimo,mahodimo a bothataba seipone sa lethose?

19. “Re rute hore nare tle re reng ho yena;re sitwa ho rala nyewehobane re lefifing.

Jobo 37