1. “Fefo sena se thefula methapoya pelo ya ka,ere ha e thanyae be tlohe madulong.
2. Mamedisa ho thwathwaretsaha ntswe la Modimo,o mamele modumoo tswang molomong wa hae.
3. O dumisa letolotlasa mahodimo wohle,hadima la hae le yo fihlapheletsong tsa lefatshe.
4. Lentswe le purumangle latela lehadima,Modimo o pokoselaka ntswe la bohosi ba hae;ha maru a thwathwaretsalehadima ha a le thibele.
5. Ho pokosela ha ntswe la Modimoho a makatsa;o etsa dikgolotse fetang kutlwisiso ya rona.
6. Ho lehlwa o re:<Kgethehela lefatshe!>Ho lefafatsane:<Fetoha ditlwebelele!>
7. Mosebetsi wa motho ka mongo a o emisa,batho bohle ba tsebemosebetsi wa hae.
8. Batana di hohobeladilaong tsa tsona,ebe ka mesimeng ya tsonadi a ipothela.
9. Mamati a tjhankana ya sefefoa petlekilwe,meya e pepetlang e tlisa serame.
10. Ha Modimo a phefumolohaleqhwa le a bopeha,kahohle metsi a fetohe qhoqhwaane.