7. “Motho ke ofe ya tshwanang le Jobo?O momorotsa nyefolojwalokaha metsi a nowa;
8. yena o tsamayamokgatlong wa baetsadibe,ba kgopoo tsamaisana tsela le bona;
9. o re: <Motho a ke kea putswa ka letho,leha a leka ho kgahlisa Modimo.>
10. “Lona bahlalefi,mmameleng ke hona:Modimo a ke kea ba a etsa bokgopo,Ya Matla wohle a ke kea ba a etsa phoso.
11. O putsa mothoho ya ka mesebetsi ya hae,o putsa mothoho ya ka metsamao ya hae.
12. Ruri Modimo a ke kea ba a etsa bokgopo,Ya Matla wohle a ke kea kgopamisa ho loka.
13. O beilwe ho okamela lefatsheke mang?Fatshe lohle lona le theilweke mang?
14. Haeba e ne le morero wa hae,a busetsa moya wa bophelo ho yena,
15. tsohle tse phelang di ne di tla timela,motho le yena, a kgutlele leroleng.
16. “Ha o le bohlale, ako mamele,polelo tsa ka o di sekehele tsebe!
17. Na ya hloileng toka,ho busa a ka ho tseba?Kapa o ahlola Ya Matla,Ya Lokileng?