Jobo 34:3-19 BIBELE (SSO89SO)

3. Tsebe e hlwaya mantsweha a buuwa,jwalokaha dijodi latsuwa ke mahalapa.

4. A re ikgethelengse lokileng ka borona,a re tsebengka borona se leng molemo.

5. “Jobo o re:<Nna ha ke na molato,empa Modimo o nkamohiletokelo ya ka.

6. Le hoja ke nepile tjenaho thwe ke leshano,le hoja ke se na sebe,qeba la ka le hana ho fola.>

7. “Motho ke ofe ya tshwanang le Jobo?O momorotsa nyefolojwalokaha metsi a nowa;

8. yena o tsamayamokgatlong wa baetsadibe,ba kgopoo tsamaisana tsela le bona;

9. o re: <Motho a ke kea putswa ka letho,leha a leka ho kgahlisa Modimo.>

10. “Lona bahlalefi,mmameleng ke hona:Modimo a ke kea ba a etsa bokgopo,Ya Matla wohle a ke kea ba a etsa phoso.

11. O putsa mothoho ya ka mesebetsi ya hae,o putsa mothoho ya ka metsamao ya hae.

12. Ruri Modimo a ke kea ba a etsa bokgopo,Ya Matla wohle a ke kea kgopamisa ho loka.

13. O beilwe ho okamela lefatsheke mang?Fatshe lohle lona le theilweke mang?

14. Haeba e ne le morero wa hae,a busetsa moya wa bophelo ho yena,

15. tsohle tse phelang di ne di tla timela,motho le yena, a kgutlele leroleng.

16. “Ha o le bohlale, ako mamele,polelo tsa ka o di sekehele tsebe!

17. Na ya hloileng toka,ho busa a ka ho tseba?Kapa o ahlola Ya Matla,Ya Lokileng?

18. Yena ya reng ho kgosi:<O motho-dikobo,>ho mahosana:<Lona le balotsana!>

19. Ha a ye ka leemeha a sebeletsa babusi,morui le mofutsanake ditshwantshwang ho yena,kahoba bohle ke mmopowa matsoho a hae.

Jobo 34