18. Yena ya reng ho kgosi:<O motho-dikobo,>ho mahosana:<Lona le balotsana!>
19. Ha a ye ka leemeha a sebeletsa babusi,morui le mofutsanake ditshwantshwang ho yena,kahoba bohle ke mmopowa matsoho a hae.
20. Ka ho panya ha ntshiba shwa le hara bosiu,tjhaba se hlokolehe,bona ebe ba iketse;natla di nyameledi sa angwa ke letsoho la motho!
21. “Mahlo a hae a disitsemetsamao ya batho,mehato yohle ya bathole yona o a e bona.
22. Ha ho na lefifi le letsholetsho,moo baetsadibeba ka tsebang ho ipata.
23. Modimo ha a hlokeho balla batho dinakoho tla kahlolong, kapele ho yena.
24. O thuakanya bo-ramonatlaho se na nyewe,tulong tsa bona ebe o bea ba bang.
25. Ka baka leo,mesebetsi ya bona o a e tseba,ba phetholwa e le bosiu,ebe ba a phetshelwa.
26. Modimo o ba otlelabokgopo ba bona,o ba otlelapontsheng ya batho bohle,
27. hobane ba kgaoditse ho mo latela,ha ba a ka ba natsatsela tsohle tsa hae.
28. Dillo tsa mafutsanaba di fihlisitse ho yena,dillo tsa bahlomohiModimo o a di utlwa.
29. “Haeba a ikgutsetsaa ka nyatswa ke mang?Ha ipata sefahleho,teng a ka bonwa ke mang?O okametse batho le ditjhabaka ho tshwana.