5. Ntadimeng, le tswe le makala,le thibe melomo ka matsoho a lona.
6. Tsena ha ke di hopola ke a nyaroha,mmele wa ka wohle o a thothomela.
7. “Ke hobanengha ba kgopo ba phela,ba tsofala, ba bile ba matlafala?
8. Ba bona bana ba bona ba hola,ba bile ba atleha,le tloholo tsa bona ba be ba di bone.
9. Malapa a bona a na le kgotso,a hloka tshabo,kotlo ya Modimoha e eso ba wele hodimo.
10. Poho ya ya kgopo e a katika,ha e ke e lala,thole tsa hae di a tswala,ha di ke di folotsa.
11. Bashanyana ba bona ha ba etswae ka re mohlape,bana ba bona ba a tlola,ba a thalaka.
12. Ba bina melodika moropa le ka harepa,ba thabela ho utlwamodumo wa lekodilo.
13. Bophelo ba bonaba bo qeta ba atlehile,hanghang ba theoheleNqalong ya Bafu.
14. Feela ba re ho Modimo:<Re hlokomolohe!Ha re lakatse ho tsebaditsela tsa hao!
15. Ya Matla wohlere ka mo sebeletsa ha e le mang?Ho mo rapelaebe ho ka re putsa ka eng?>
16. Feela katleho ya bonaha e laolwe ke bona;nna ke thoko le dikeletso,keletso tsa ba kgopo.