Jobo 21:21-34 BIBELE (SSO89SO)

21. hoba palo ya kgwedi tsa haeha e fedile,boiketlo ba lapa la haeha a sa bo natsa.

22. Ke mangya ka rutang Modimo bohlale,athe Modimo o ahlolale ba lehodimo?

23. “E mong motho o shwae le sekwankwetla,a kgotsofetse, a bile a iketlile;

24. mmele wa hae o shahlile, o fepehile,moko o tiile ka masapong a hae;

25. e mong o shwa a hlorile moyeng,le boiketlo a sa ka ba bo tseba;

26. ba robala ba bapile roleng la lebitla,bobedi ba bona ba nyeunye diboko.

27. “Ke tseba ya lona mehopolo,le mano ao le ntherelang wonake a a tseba.

28. Le ntse le re:<Lapa la sekwele jwale le kae?Malapa a ba kgopo wona a kae?>

29. Ha le eso botse bo-mafeta-ka-tsela?Polelo tsa bona ha le di natse,ha ba re:

30. <Ha koduwa e etlaya kgopo o a pholoswa,tsatsi la kgalefole lona o a le phemiswa?>

31. Ya ka mo nyatsang sefahlamahloke mang?Ketso tsa hae tsonaa ka di ahlolelwa ke mang?

32. Empa o a nkwa, a iswe lebitleng,bitla la hae le lebelwe ka thata.

33. Qubu ya mobu e hodima haeha e mo imele,batho bohle ba koloka kamora hae,kapele ho yenaboiyane bo mo eteletse pele.

34. “Mafeela a lonaa ka ntshedisa jwang?Karabo tsa lonadi tletse thetso!”

Jobo 21