1. Empa Jobo a araba Sofara, a re:
2. “Ako mamele puo ya ka,o e mamele ka hloko,ho mmamela hooe be ho nketsetsa matshediso;
3. bea pelo,le nna ke bolele tsa ka,ha ke qetileebe jwale o a ntshoma.
4. “Na ebe ke ipelaetsa ho motho?ho hloka mamelloebe ha ke ho lokele?
5. Ntadimeng, le tswe le makala,le thibe melomo ka matsoho a lona.
6. Tsena ha ke di hopola ke a nyaroha,mmele wa ka wohle o a thothomela.
7. “Ke hobanengha ba kgopo ba phela,ba tsofala, ba bile ba matlafala?
8. Ba bona bana ba bona ba hola,ba bile ba atleha,le tloholo tsa bona ba be ba di bone.
9. Malapa a bona a na le kgotso,a hloka tshabo,kotlo ya Modimoha e eso ba wele hodimo.