9. ha se utlwa monko wa metsise tla hloma,se mele makalajwaloka tlama se setjha.
10. Empa motho yena o a shwa,a fellwe ke matla,a neele moya, ebe jwale o kae?
11. “Jwalokaha metsi a letshaa nyamela, a fela,noka e feta, e be e pshe,
12. le motho o a robala,a roballe ruri!Ho fihlela ha mahodimo a fela,batho ba ke ke be ba tsebale ho phaphama,kapa ho tsoswaphumeng sa bona sa boroko.
13. “Eka o ka be o mpataNqalong ya Bafu,o nketsa bofihla,kgalefo ya hao e be e fete!Eka o ka be o mpalla nako,eo ka yona o tlang ho nkgopola!
14. Hoja motho o a shwe,a boele a phele,ke ne nka mamella tlokotsi tsa kaka nako tsohle,ka emela topoloho ya kaya ba ya fihla.
15. O no tla mpitsa, nna ke arabele,o hlolohelwe mmopowa matsoho a hao.
16. Empa jwale mehato ya ka o a e bala,sebe sa ka ha o kgaotse ho se natsa;
17. tshita tsa kao di bitiella ka mokotleng,sebe sa kasona o a se kwahela.
18. “Jwalokaha thaba e ye e helehe,e nyamele,le lefika le suthiswetulong tsa lona;