Jobo 14:12-22 BIBELE (SSO89SO)

12. le motho o a robala,a roballe ruri!Ho fihlela ha mahodimo a fela,batho ba ke ke be ba tsebale ho phaphama,kapa ho tsoswaphumeng sa bona sa boroko.

13. “Eka o ka be o mpataNqalong ya Bafu,o nketsa bofihla,kgalefo ya hao e be e fete!Eka o ka be o mpalla nako,eo ka yona o tlang ho nkgopola!

14. Hoja motho o a shwe,a boele a phele,ke ne nka mamella tlokotsi tsa kaka nako tsohle,ka emela topoloho ya kaya ba ya fihla.

15. O no tla mpitsa, nna ke arabele,o hlolohelwe mmopowa matsoho a hao.

16. Empa jwale mehato ya ka o a e bala,sebe sa ka ha o kgaotse ho se natsa;

17. tshita tsa kao di bitiella ka mokotleng,sebe sa kasona o a se kwahela.

18. “Jwalokaha thaba e ye e helehe,e nyamele,le lefika le suthiswetulong tsa lona;

19. jwalokaha metsi a kutlula majwe,phororo le tsonadi baka kgoholedi mobung,le wena tshepo ya mothoo e fedisa jwalo!

20. O mo hlolela ruri, ebe o iketse;o fetola fahleho sa hae,ebe o a mo leleka.

21. Ha bara ba hae ba tlotlwa,yena ha a tsebe le letho,le teng ha ba kokobetswa,yena ha a bone le letho;

22. o utlwa bohlokoba mmele wa hae feela,le ho ngongoreha ha moya wa hae.”

Jobo 14