Jobo 11:7-15 BIBELE (SSO89SO)

7. “Na o ka tseba phiri sa Modimoka ho fuputsa?Kapa wa fihlela bohlaleba Ya Matla wohle?

8. O ka etsang?Bo phahametse le mahodimo!O ka tsebang?Bo tebile ho feta lebitla!

9. Bolelele ba bonabo feta le ba lefatshe,bophara ba bonabo feta le ba lewatle!

10. “Ha a ka o tshwara,a o isa tjhankaneng,a o qosa ka kgotla,a ka hanyetswa ke mang?

11. Bolotsana ba bathoo bo tseba hantle;ha a bona bokgopo,na a ka kgutsa feela?

12. Empa sethoto se ke ke be sa hlalefa,jwalokaha petsana tonki,e ke ke ya ba ya tswalwa e le motho.

13. “Empa ha o boelao mo nea pelo ya hao,o otlollela matsoho a hao ho yena;

14. haeba o lahla sebeseo o se kwetlileng,o sa dumelle bobeho phela tlung ya hao;

15. ruri o tla tsebaho tadima motho o se na dihlong,o tsitse hantle, o hloke tshabo.

Jobo 11