5. Eka Modimoa ka be a dumela ho bua,a ahlamisa molomo,a ka a bua le wena;
6. a o senolela phiri tsa bohlale ba hae,hore bohlale ba sebelebo mehlahlwe-mengata.Tseba Modimo o a o leballa,o o leballa tse dingtsa tshito tsa hao!
7. “Na o ka tseba phiri sa Modimoka ho fuputsa?Kapa wa fihlela bohlaleba Ya Matla wohle?
8. O ka etsang?Bo phahametse le mahodimo!O ka tsebang?Bo tebile ho feta lebitla!
9. Bolelele ba bonabo feta le ba lefatshe,bophara ba bonabo feta le ba lewatle!
10. “Ha a ka o tshwara,a o isa tjhankaneng,a o qosa ka kgotla,a ka hanyetswa ke mang?
11. Bolotsana ba bathoo bo tseba hantle;ha a bona bokgopo,na a ka kgutsa feela?
12. Empa sethoto se ke ke be sa hlalefa,jwalokaha petsana tonki,e ke ke ya ba ya tswalwa e le motho.
13. “Empa ha o boelao mo nea pelo ya hao,o otlollela matsoho a hao ho yena;
14. haeba o lahla sebeseo o se kwetlileng,o sa dumelle bobeho phela tlung ya hao;
15. ruri o tla tsebaho tadima motho o se na dihlong,o tsitse hantle, o hloke tshabo.
16. Tsietsi tsa haoo tla di lebala tsohle,o di hopole jwaloka metsiha a sa fetile.