Hosea 14:1-5 BIBELE (SSO89SO)

1. Wena Iseraele,kgutlela ho Morena,Morena Modimo wa hao,hobane o weleka baka la bokgopo ba hao.

2. Itokisetseng tseo le tla di bua,le kgutlele ho Morena,le re ho yena:“Ako re tshwarelebokgopo bohle ba rona,mme thapedi ya rona o e amohele.Bakeng sa ho nyehelaka mahlabelo a dipohwana,re tla o boka ka melomo ya rona.

3. Asiria e ke ke ya re pholosa,ha re sa tla palama dipere tsa ntwa.Tse entsweng ka matsoho a ronare ke ke ra hlola re reke medimo ya rona,hobane kgutsanae utlwelwa bohloko ke wena.”

4. Jwale Morena o re:“Bokwenehi ba bona ke tla bo fedisa,ke ba rate ka rato lohle la pelo ya ka,hobane kgalefo ya ka e ba fapohile.

5. Ho Iseraele ke tla ba jwaloka phoka,Iseraele o tla thunya sa mohaladitwe,a mele metso sa kedare ya Lebanone.

Hosea 14