Hosea 14 BIBELE (SSO89SO)

Hosea o ipiletsa ho Iseraele

1. Wena Iseraele,kgutlela ho Morena,Morena Modimo wa hao,hobane o weleka baka la bokgopo ba hao.

2. Itokisetseng tseo le tla di bua,le kgutlele ho Morena,le re ho yena:“Ako re tshwarelebokgopo bohle ba rona,mme thapedi ya rona o e amohele.Bakeng sa ho nyehelaka mahlabelo a dipohwana,re tla o boka ka melomo ya rona.

3. Asiria e ke ke ya re pholosa,ha re sa tla palama dipere tsa ntwa.Tse entsweng ka matsoho a ronare ke ke ra hlola re reke medimo ya rona,hobane kgutsanae utlwelwa bohloko ke wena.”

Morena o tshepisa Iseraele bophelo bo botjha

4. Jwale Morena o re:“Bokwenehi ba bona ke tla bo fedisa,ke ba rate ka rato lohle la pelo ya ka,hobane kgalefo ya ka e ba fapohile.

5. Ho Iseraele ke tla ba jwaloka phoka,Iseraele o tla thunya sa mohaladitwe,a mele metso sa kedare ya Lebanone.

6. Makala a hae a tla hlomela,a thathalle, a kgahlehejwaloka fate sa mohlwaare,a nkge hamonatesa kedare ya Lebanone.

7. Ba tla boela ba dulamoriting wa sona,ba leme mabele, ba a tjhaye haholo,ba etse dithunthungjwaloka fate sa morara,botumo ba bonae ke ba veine ya Lebanone.

8. Ekaba Efraimeo sa tla etsang ka medingwana?Ke mo utlwile,ke tla be ke mo lebele.Nna ke ka sefate sa kipere,fate se setalana,ke ka thuso ya kao behang ditholwana.”

Keletso ya ho qetela

9. Ya bohlale ke mang?Tsena o tla di hlokomela.Ya masene ke mang?Yena o tla di utlwisisa.Ditsela tsa Morena di nepahetse,ba lokileng ba tla tsamaya ka tsona,baetsadibeba kgothometsehe ho tsona.