1. “Ke ratile Iseraelee sa le lesea,ka bitsa mora wa kahore a tswe Egepeta.
2. Ha ke ntse ke pheeletseho ba bitsa kgafetsa,ba nna ba suthella thoko ho nna;ba nyehella bo-Baale ka mahlabelo,ba tjhesetsa medingwana mokubetso.
3. Ke nna ya rutileng Efraime,ka mo ruta ho tataya,ka mo nenesa ka letsoho la ka;empa ha ba a ka ba ela hlokohore ke nna ya ba hlokometseng.
4. Ke ne ke ba hulaka kgwele tsa mohau,ke ba hula ka mehala ya lerato;ka tlosa joko molaleng wa bona,ka inamela fatshe, ka ba fepa.
5. “Ba tla kgutla,ba kgutlele naheng ya Egepeta,ba buswe ke kgosi ya Asiria,hobane ba hanne ho kgutlela ho nna.
6. Sabole e tla tsekemahara metse ya bona,e robe mekwallo ya dikgoro tsa bona,merero ya bona yohle e e nyopise.
7. Tjhaba sa kase itheretse ho mphuralla;leha se ka ipiletsaho Ya Hodimodimo,ha a ka ke a ba a se hlomamisa hape.
8. “Wena Efraime, nka o lahla jwang?Wena Iseraele,ka neelana ka wena jwang?Nka o timetsa sa Adema jwang?Ka o etsisa Seboime jwang?Pelo ya ka e nkganela ho etsa jwalo,lerato la ka le a hlasimoloha.
9. Nke ke ka phetha tsa kgalefo ya ka,nke ke ka timetsa Efraime hape,hoba nna ke Modimo, ha ke motho;ke Ya Halalelang ya dulang hara lona,ha nka ke ka tla ke halefile.
10. Etlare ha Morena a puruma sa tau,tjhaba sa hae se mo sale morao;etlare ha a puruma,bana ba hae ba tle,ba tle ba thothomela,ba etswa bophirima.
11. Ba tla pakasela sa nonyana e fofa,ba pakasele ba etswa Egepeta,ba pakasele sa leeba ba etswa Asiria,ke ba ahise matlung a bona,”ho rialo Morena.