8. “Wena Efraime, nka o lahla jwang?Wena Iseraele,ka neelana ka wena jwang?Nka o timetsa sa Adema jwang?Ka o etsisa Seboime jwang?Pelo ya ka e nkganela ho etsa jwalo,lerato la ka le a hlasimoloha.
9. Nke ke ka phetha tsa kgalefo ya ka,nke ke ka timetsa Efraime hape,hoba nna ke Modimo, ha ke motho;ke Ya Halalelang ya dulang hara lona,ha nka ke ka tla ke halefile.
10. Etlare ha Morena a puruma sa tau,tjhaba sa hae se mo sale morao;etlare ha a puruma,bana ba hae ba tle,ba tle ba thothomela,ba etswa bophirima.
11. Ba tla pakasela sa nonyana e fofa,ba pakasele ba etswa Egepeta,ba pakasele sa leeba ba etswa Asiria,ke ba ahise matlung a bona,”ho rialo Morena.