Hosea 11:5-11 BIBELE (SSO89SO)

5. “Ba tla kgutla,ba kgutlele naheng ya Egepeta,ba buswe ke kgosi ya Asiria,hobane ba hanne ho kgutlela ho nna.

6. Sabole e tla tsekemahara metse ya bona,e robe mekwallo ya dikgoro tsa bona,merero ya bona yohle e e nyopise.

7. Tjhaba sa kase itheretse ho mphuralla;leha se ka ipiletsaho Ya Hodimodimo,ha a ka ke a ba a se hlomamisa hape.

8. “Wena Efraime, nka o lahla jwang?Wena Iseraele,ka neelana ka wena jwang?Nka o timetsa sa Adema jwang?Ka o etsisa Seboime jwang?Pelo ya ka e nkganela ho etsa jwalo,lerato la ka le a hlasimoloha.

9. Nke ke ka phetha tsa kgalefo ya ka,nke ke ka timetsa Efraime hape,hoba nna ke Modimo, ha ke motho;ke Ya Halalelang ya dulang hara lona,ha nka ke ka tla ke halefile.

10. Etlare ha Morena a puruma sa tau,tjhaba sa hae se mo sale morao;etlare ha a puruma,bana ba hae ba tle,ba tle ba thothomela,ba etswa bophirima.

11. Ba tla pakasela sa nonyana e fofa,ba pakasele ba etswa Egepeta,ba pakasele sa leeba ba etswa Asiria,ke ba ahise matlung a bona,”ho rialo Morena.

Hosea 11