Esekiele 44:4-16 BIBELE (SSO89SO)

4. Jwale monna eo a nkisa kapele ho Tempele, ra ya ka tsela ya kgoro e ka leboya. Ka tadima, mme ka bona tlotla ya Morena e tlala ka Tempeleng ya Morena; yaba ke itihela fatshe ka sefahleho.

5. Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, ela hloko, o tadimisise, mme o mamedisise tsohle tseo ke o bolellang tsona, e leng ditaelo tsohle tsa Tempele ya Morena, le melao yohle ya yona. Ela hloko hore na ke bo-mang ba dumeletsweng ho kena ka Tempeleng, le ka Sehalalelong, le ba sa dumellwang ho etsa jwalo.

6. “Bolella bafetohedi, e leng ba ntlo ya Iseraele, o re: <Morena Modimo o bua tjena: Lona ba ntlo ya Iseraele, manyala ana wohle a lona a sa lekane!

7. Ka Sehalalelong sa ka le kentse baditjhaba ba sa bollang dipelong le nameng; le silafaditse Tempele ya ka ha le nnyehella ka dijo, ka mafura le ka madi, mme le sentse selekane sa ka ka baka la manyala a lona wohle.

8. Bakeng sa hore lona le hlokomele dintho tsa ka tse halalelang, le kgethile basele ho sebeletsa ka Sehalalelong sa ka.

9. “ <Morena Modimo o bua tjena: Ho se be moditjhaba ya sa bollang pelong le nameng ya ka kenang ka Sehalalelong sa ka, esita leha e ka ba moditjhaba ofe kapa ofe ya phelang hara bana ba Iseraele.> ”

10. “ <Ha e le Balevi ba ileng ba emella hole le nna ha Baiseraele ba kgeloha, ba kgeloswa ho nna ke ho latela medingwana ya bona ya bohata, ba tla otlelwa bokgopo boo ba bona.

11. Empa ba tla nne ba sebeletse ka Sehalalelong sa ka, ba hlokomele dikgoro tsa Tempele, mme ba sebeletse ka ho yona. Ba tla hlaba diphoofolo tsa nyehelo ya setjheso le tsa mahlabelo a etsetswang setjhaba, mme ba eme kapele ho sona ba se sebeletse.

12. Kaha ba ile ba sebeletsa setjhaba kapele ho medingwana ya sona ya bohata, mme ba dihela ba ntlo ya Iseraele bokgopong, kahoo ke hlapantse hore ke tla ba otlela bokgopo boo ba bona, ho rialo Morena Modimo.

13. Ba ke ke ba atamela pela ka ho tla ntshebeletsa e le baprista, kapa ba atamela pela e nngwe feela ya dintho tsa ka tse halalelang, kapa tse halalelang ka ho fetisisa; ba tla jara dihlong tsa bona le manyala a bona ao ba a entseng.

14. Empa ke tla ba etsa basebeletsi ba Tempele, ba etse mesebetsi yohle ya yona, ba etse le tsohle tse lokelang ho etswa ka ho yona.

15. “ <Ha e le baprista bao e leng Balevi, ditloholo tsa Sadoke, ba ileng ba sebeletsa ka Sehalalelong sa ka ha bana ba Iseraele ba mphuralla, ba tla atamela ho nna ho tla ntshebeletsa, mme ba eme kapele ho nna ho nyehela ka mahlabelo a mafura le a madi, ho rialo Morena Modimo.

16. Bona ba tla kena ka Sehalalelong sa ka, ba atamele pela tafole ya ka ho ntshebeletsa le ho phetha tshebeletso ya ka.

Esekiele 44