Esekiele 44:5 BIBELE (SSO89SO)

Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, ela hloko, o tadimisise, mme o mamedisise tsohle tseo ke o bolellang tsona, e leng ditaelo tsohle tsa Tempele ya Morena, le melao yohle ya yona. Ela hloko hore na ke bo-mang ba dumeletsweng ho kena ka Tempeleng, le ka Sehalalelong, le ba sa dumellwang ho etsa jwalo.

Esekiele 44

Esekiele 44:1-15