7. Morena le se ke be la mo fa phomolo,ho fihlela a hlomamisa Jerusalema,a etsa hore lefatsheng monae be Sebabatso!
8. “Morena o hlapantseka tsoho le letona la hae,a hlapanyaka matla a tsoho la hae, a re:<Ruri ha nka ke ka hlolake fana ka mabele a hao,ke a nea dira tsa haohore e be dijo tsa tsona;baditjhaba ha ba ka ke ba hlola,ba enwa veine ya hao,veine eo o e sebeleditseng ka thata.
9. Ba kotulang mabeleke bona ba tla a ja,ba a je, ebe ba rorisa Morena;ba kgang morarake bona ba tla nwa veine,ba e nwelle mabaleng,mabaleng a Sehalalelo sa ka.> ”
10. Tswang! Tswang!ka dikgoro tsa motse,le lokise tsela ya tjhaba sa ka;batalatsang, batalatsang mmila,le suthise majwe,le phahamisetseditjhaba tsohle mokgele.
11. Morena o entse phatlalatso,a e etsa ho ya fihla dipheletsong,pheletsong tsa lefatshe:“Bolellang moradi wa Sione,le re: <Mopholosi wa haoo sa le tseleng,o tla a nkile moputso wa hae,phetetso ya haee mo eteletse pele.> ”
12. Ba tla bitswa tjhaba se halalelang,ba bitswe balopollwa ba Morena;wena o tla bitswa Mpatlwane,o bitswe motse o sa furallwang.