Esaya 62 BIBELE (SSO89SO)

Lebitso le letjha la Sione

1. Ka baka la Sioneha nka ke ka kgutsa,ka baka la Jerusalemaha nka ke ka phomola,ho fihlelaho loka ha yona ho kganyaho kganya sa mafube a meso,topollo ya yonae tshwana le lebone le tukang.

2. Baditjhaba ba tla bonaho loka ha hao,dikgosi tsohle di bonetlotla ya hao;wena o tla bitswaka lebitso le letjha,leo o tla la rewake Morena ka seqo.

3. Matsohong a Morenao tla ba mofapahlooho wa tlotla,matsohong a Morenao be moqhaka wa bokgosi.

4. Ha o ka ke wa hlolao bitswa Molahluwa,kapa naha ya hao e bitswe Nanaola;empa o tla bitswa Monnyakalatsi,naha ya hao e bitswe Monyaduwa,hobane Morena o thabiswa ke wena,naha ya haoe tla ba mohatsa Morena.

5. Jwalokaha mohlankanaa nyala morwetsana,bara ba hao le bonaba tla o nyala;jwalokaha monyadia thabela monyaduwa,Modimo wa hao le yenao tla o thabela.

6. “Ke beile balebedihodima marako a hao,wena Jerusalema,ba ke keng ba kgutsamotsheare le bosiu:Lona ba rapelang Morenale se ke be la kgutsa,

7. Morena le se ke be la mo fa phomolo,ho fihlela a hlomamisa Jerusalema,a etsa hore lefatsheng monae be Sebabatso!

8. “Morena o hlapantseka tsoho le letona la hae,a hlapanyaka matla a tsoho la hae, a re:<Ruri ha nka ke ka hlolake fana ka mabele a hao,ke a nea dira tsa haohore e be dijo tsa tsona;baditjhaba ha ba ka ke ba hlola,ba enwa veine ya hao,veine eo o e sebeleditseng ka thata.

9. Ba kotulang mabeleke bona ba tla a ja,ba a je, ebe ba rorisa Morena;ba kgang morarake bona ba tla nwa veine,ba e nwelle mabaleng,mabaleng a Sehalalelo sa ka.> ”

10. Tswang! Tswang!ka dikgoro tsa motse,le lokise tsela ya tjhaba sa ka;batalatsang, batalatsang mmila,le suthise majwe,le phahamisetseditjhaba tsohle mokgele.

11. Morena o entse phatlalatso,a e etsa ho ya fihla dipheletsong,pheletsong tsa lefatshe:“Bolellang moradi wa Sione,le re: <Mopholosi wa haoo sa le tseleng,o tla a nkile moputso wa hae,phetetso ya haee mo eteletse pele.> ”

12. Ba tla bitswa tjhaba se halalelang,ba bitswe balopollwa ba Morena;wena o tla bitswa Mpatlwane,o bitswe motse o sa furallwang.