Esaya 16 BIBELE (SSO89SO)

Boemo ba Moabe

1. Thellang mmusi wa nahaka ho romela dikonyana,di romelwe di etswa Sela,mose wane ho lehwatata,di romelwe thabengya moradi wa Sione.

2. Baradi ba Moabeha ba le madibohong a Arenone,ba ka nonyana tse phuphuselang,di lelekilwe sehlaheng sa tsona.Ba re:

3. “Re eletse, o re etsetse qeto,moriti wa haoo re sireletse motsheare,sa fifi la bosiu;pata ba lelekilweng,o se eke baphaphathethi.

4. Eba setshabelo sa Bamoabe,Bamoabe ba lelekilweng,o ba sireletse ho ya ba timetsang.”Motlatlapi o tla kgaotsa ho tlatlapa,mosenyi yena a kgaotse ho senya,mohatelli le yenaa fediswe naheng eo.

5. Ka mohau terone e tla tsitsiswa,ya tla e dula a e dule ka botshepehi,e leng e mong wa leloko la Davida,ya tla ahlola ka toka,a thahaselle ho loka.

6. Re utlwile hore Moabe o a ikgantsha,ho ikgantsha ha haeke ho tlolang moedi,o a ikakasa, o a ikgantsha, o bohale,empa boithoriso ba haeke ba lefeela.

7. Kahoo tjhaba sa Moabese tla itelela,bohle ba itelele ba le mmoho,ba llela dijo tse monatetsa Kire-Harese,ba lla pelo tsa bona di le bohloko.

8. Masimong a Heshebone le a Sibemamorara o ponne,o motlemotleo neng o taha babusi ba naha,morara o neng o lemilweho tloha Jasere,o lemilwe ho ya fihla lehwatateng,oo makala a wonaa neng a thathaletse,ho ya tshela lewatle.

9. Ke llela morara wa Sibemajwalokaha Jasere e llela wa yona,wena Heshebone le wena Elaleke le tshela ka dikgapha!Mehoo e thabelang ho butswaha morara wa lona,le e thabelang kotulo ya lonae kgaoditse.

10. Masimong a dikgwitithabo le monyaka ha di sa le yo,ha ho pina kapa mehoomasimong a lona a morara,ha ho ya tlhotlelang veinetlhotlelong sa hae,hoba mehoo ya lonake nna ya e fedisitseng.

11. Pelo ya ka e llela Moabe sa harepa,le yona Kire-Harese e e llela jwalo.

12. Ha Bamoabe ba nyolohelabakeng tsa bona tsa borapedi,ba nyolohela lefeela;ha ba nyolohela tempeleng ya bonaho ya rapela,le teng ha ho na thuso.

13. Sena ke seo Morena a neng a se bue malebana le Moabe ka nako eo.

14. Empa jwale Morena o re: “Ho eso fete dilemo tse tharo, ho ya kamoo mohlanka a di balang kateng, botlotlehi ba Moabe le ba setjhaba sa hae se sengata, bo tla nyediswa, masalla a be mmalwana, a fokole.”