Esaya 62:3-7 BIBELE (SSO89SO)

3. Matsohong a Morenao tla ba mofapahlooho wa tlotla,matsohong a Morenao be moqhaka wa bokgosi.

4. Ha o ka ke wa hlolao bitswa Molahluwa,kapa naha ya hao e bitswe Nanaola;empa o tla bitswa Monnyakalatsi,naha ya hao e bitswe Monyaduwa,hobane Morena o thabiswa ke wena,naha ya haoe tla ba mohatsa Morena.

5. Jwalokaha mohlankanaa nyala morwetsana,bara ba hao le bonaba tla o nyala;jwalokaha monyadia thabela monyaduwa,Modimo wa hao le yenao tla o thabela.

6. “Ke beile balebedihodima marako a hao,wena Jerusalema,ba ke keng ba kgutsamotsheare le bosiu:Lona ba rapelang Morenale se ke be la kgutsa,

7. Morena le se ke be la mo fa phomolo,ho fihlela a hlomamisa Jerusalema,a etsa hore lefatsheng monae be Sebabatso!

Esaya 62