Esaya 16:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Thellang mmusi wa nahaka ho romela dikonyana,di romelwe di etswa Sela,mose wane ho lehwatata,di romelwe thabengya moradi wa Sione.

2. Baradi ba Moabeha ba le madibohong a Arenone,ba ka nonyana tse phuphuselang,di lelekilwe sehlaheng sa tsona.Ba re:

3. “Re eletse, o re etsetse qeto,moriti wa haoo re sireletse motsheare,sa fifi la bosiu;pata ba lelekilweng,o se eke baphaphathethi.

4. Eba setshabelo sa Bamoabe,Bamoabe ba lelekilweng,o ba sireletse ho ya ba timetsang.”Motlatlapi o tla kgaotsa ho tlatlapa,mosenyi yena a kgaotse ho senya,mohatelli le yenaa fediswe naheng eo.

5. Ka mohau terone e tla tsitsiswa,ya tla e dula a e dule ka botshepehi,e leng e mong wa leloko la Davida,ya tla ahlola ka toka,a thahaselle ho loka.

6. Re utlwile hore Moabe o a ikgantsha,ho ikgantsha ha haeke ho tlolang moedi,o a ikakasa, o a ikgantsha, o bohale,empa boithoriso ba haeke ba lefeela.

7. Kahoo tjhaba sa Moabese tla itelela,bohle ba itelele ba le mmoho,ba llela dijo tse monatetsa Kire-Harese,ba lla pelo tsa bona di le bohloko.

Esaya 16