1. “Jwale ra thinya, ra nyoloha ka tsela e yang Bashane. Oge, kgosi ya Bashane, a tswa a ena le setjhaba sa hae sohle, a re futuhela, a re lwantshetsa pela Ederei.
2. Morena a re ho nna: <Le se ke la tshaba, hobane Oge, mmoho le setjhaba sa hae sohle, le naha ya hae, ke neelane ka yena matsohong a lona. O tla mo etsa seo o neng o se etse Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a ahile Heshebone.>
3. “Le yena Oge, kgosi ya Bashane, le setjhaba sa hae sohle, Morena Modimo wa rona, a neelana ka yena matsohong a rona, ra mo hlola ho fihlela ho se le ya mong ya setseng.
4. Ka yona nako eo, ra hapa metse ya hae yohle, mme ha ho motse le o mong oo re sa kang ra o hapa ho bona. E ne e le metse e mashome a tsheletseng, seterekeng sohle sa Aregobe, mmusong wa Oge, naheng ya Bashane.
5. Metse ena yohle e ne e sireleditswe ka marako a phahameng; e ena le dikgoro, le mekwallo, ntle ho metse e meng e mengata e neng e hloka marako.
6. Ra e ripitla ho hang, jwalokaha re ile ra etsa ho Sihone, kgosi ya Heshebone, moo re ileng ra ripitla metse e nang le baahi, ra bolaya banna, le basadi, le bana.
7. Empa diphoofolo tsohle, le kgapo ya motse, ra ikgapela tsona.
8. “Ka yona nako eo ra hapa naha ya dikgosi tse pedi tsa Baamore, tse neng di le ka kwano ho Jorodane, ho tloha kgohlong ya Arenone, ho ya fihla thabeng ya Heremone.
9. Basidone ba reile Heremone lebitso la Sireone, athe Baamore bona ba e reile lebitso la Senire.