Ka yona nako eo, ra hapa metse ya hae yohle, mme ha ho motse le o mong oo re sa kang ra o hapa ho bona. E ne e le metse e mashome a tsheletseng, seterekeng sohle sa Aregobe, mmusong wa Oge, naheng ya Bashane.