1. Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka modumo wa “Kgama ya meso”.
2. Modimo wa ka, Modimo wa ka,o ntahletseng?O hole le ho mpholosa,ha o utlwe ho dumaela ha ka.
3. Modimo wa ka,ke ipiletsa le motsheare,empa ha o nkarabe;ke howa le bosiu, ha ke kgutse.
4. Athe wena o a halelela,wena eo Iseraelea o binelang dithoko.
5. Bo-ntata rona ba nnile ba o tshepa;ba o tshepa, mme wa ba namolela.
6. Ba nnile ba o llela,mme ba phonyoha;ba o tshepa,mme ha ba a ka ba hlajwa ke dihlong.
7. Empa nna ke seboko, ha ke motho;ke sekgobo ho bohle,ke nyediswa ke setjhaba.
8. Bohle ba mponang ba a ntshoma,ba nnyekoletsa melomo,ba ntshisinyetsa dihlooho, ba re:
9. “O tshepile Morena!A ke a mo lopolle,a mo pholose haeba a mo rata!”
10. Athe ke wenaya nntshitseng popelong ya mme,wa etsa hore mmea ntshike sefubeng sa hae;
11. ke abetswe wenaho tloha tswalong ya ka,o bile Modimo wa kake sa le popelong ya mme.
12. Se be hole le nna,hobane matshwenyeho a haufi,mme ha ho ya ka nthusang.
13. Dipohwana tse ngata di ntikile,dipoho tsa ditonana tsa Bashanedi mpokanetse;
14. dira di mpetletse meno,jwaloka tau tse purumang,tse harolang.
15. Ke jwaloka metsi a tsholohang,masapo a ka a tswenehile;pelo ya ka e jwaloka tshotso,e qhibidiha ka sefubeng sa ka;
16. mmetso wa kao omeletse jwaloka lengetana,leleme la kale kgomaretse mahalapeng a ka.O nthobaditse leroleng la lefu.
17. Dintja tse ngata di ntikile,sehlopha sa dinokwanese ntikanetse,tsena di ntlepotse maoto le matsoho.