Dipesalema 104:26-34 BIBELE (SSO89SO)

26. Teng dikepe di sesa kahohle,le leruarua leo o le bopetsengho bapalla ka ho lona.

27. Tsohle di lebeletse wena,hore o di fe dijo ka nako e lokelang.

28. Ha o di fa dijo, di a di bokella;ha o fuparolla seatla,di kgora tse molemo.

29. Ha o ipata sefahleho, di a tshoha;ha o di amoha moya wa hao,di a shwa,di boele di kgutlele leroleng.

30. Ha o romela moya wa hao,di a hloleha,mme o ntjhafatse tshobotsi ya lefatshe.

31. Tlotla ya Morena e nne e be teng,e be teng kamehla yohle,Morena a ke a thabelemesebetsi ya hae;

32. yena eo ereng ha a tadima lefatshe,lefatshe le thothomele,ha a ama dithaba di foqohe mosi.

33. Ke tla binela Morenaha ke ntse ke phela,ke roke Modimobophelong ba ka bohle.

34. Menahano ya ka e ke e mo kgahle;nna ke thabela Morena.

Dipesalema 104